Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 9:10 - BIBELE

10 “Ha ke ne ke qala ho fumana Iseraele, o ne a ka morara o metseng hara lehwatata; ha ke qala ho bona baholoholo ba lona, ba ne ba ka feiye ya dilopotsiya. Empa hoba ba fihle Baale-Peore, ba ineella modingwana o hlabisang dihlong, ba nyonyeha sa manyala ao ba a ratang!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 9:10
32 Referencias Cruzadas  

A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


Ba tjhesetsa mokubetso hona teng, jwalokaha ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bona di ne di etsa. Ba etsa dintho tse mpe, mme ba halefisa Morena.


Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang.


“Setjhaba sa ka ha se a ka sa mamela, sa mamela lentswe la ka, Iseraele ha a a ka a nnatsa.


Elwa ya hlahang lehwatateng ke mang, ya kang mosi o lopaletseng, ya noneditsweng ka mmira le mokubetso, tse tswakilweng ka dinoko tsohle tsa kgwebo?


Thunthung e ponang, e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, e tla ka feiye e butswang pele ho lehlabula, e kgolwang ke ya e bonang, ebe o a e ja.


Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso.


Se seng sa diroto tsena se ne se tshetse feiye e ntle, e tshwanang le feiye e butswang pele; se seng sona se tshetse feiye e bodileng, hoo e neng e ke ke ya jewa.


Ho tloha botjheng ba rona bo-Baale ba jele, ba eja tse sebeditsweng ka thata ke bo-ntata rona: Mehlape ya dikgutshwane le mehlape ya dikgomo, bara ba bona le baradi ba bona.


A re paqameng fatshe ka dihlong tsa rona, sekgobo sa rona se re aparele, hoba re sitetswe Morena, Modimo wa rona, rona mmoho le bo-ntata rona; ho tloha botjheng ba rona ho fihlela kajeno, ha re a ka ra mamela Morena, Modimo wa rona.”


Morena o bua tjena: “Setjhaba se ileng sa phonyoha sabole se ile sa fumana mohau, sa o fumana lehwatateng, ha ke ne ke eya ho phomotsa Iseraele.”


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


“ ‘Empa ba ile ba mphetohela, ba se ke ba mmamela; motho ka mong a hana ho furalla manyala a hohelang mahlo a hae, leha e le hona ho furalla medingwana ya bohata ya Egepeta. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona, hona naheng eo ya Egepeta.


“Ke ratile Iseraele e sa le lesea, ka bitsa mora wa ka hore a tswe Egepeta.


Ke o babaletse o le hara lehwatata, o le naheng e omeletseng haholo.


Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.


“Baradi ba lona nke ke ka ba otlela bootswa, le dingwetsi tsa lona ha di etsa bofebe, hobane banna bona ba matha le diotswa, ba nyehela ka mahlabelo ba ena le matekatse, tjhaba se hlokang kutlwisiso se tla timela!


Dino tsa bona di a ba tahisa, ba etse bootswa ba sa kgaotse; babusi ba bona ba hlanyetsa tse dihlong.


Etsang nyehelo ya lona ya teboho, le e etse ka bohobe bo lomositswe; phatlalatsang dinyehelo tsa lona, nyehelo tsa lona tsa boithaopo, le di phatlalatse pontsheng ya bohle, le ithorise ka tsona, lona Baiseraele, hoba hona le hlile le rata ho ho etsa,” ho rialo Modimo wa mabotho.


Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang.


Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.


Ditholwana tsa dilopotsiya tse butswitseng tsa naha ya bona, tseo ba di tlisetsang Morena, e tla ba tsa hao. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja.


Jwale ke dife tseo le ileng la di kotula nakong eo, ka ho etsa tseo, tse le hlabisang dihlong kajeno? Qetello ya tsona ke lefu.


“A na a mo fumana a lelera lehwatateng, feelleng le bodutu la dipukupuku; a mo sireletsa, a mo baballa, a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.


Ba etsa mahlabelo, ba a etsetsa bademona, e seng Modimo, ba hlabela medimo eo ba sa kang ba e tseba, ba hlabela medimo e metjha, medimo eo bo-ntata bona ba sa kang ba e tshaba.


“Le bone ka mahlo a lona, seo Morena a ileng a se etsa tabeng ya Baale-Peore, hobane monna e mong le e mong ya ileng a latela Baale-Peore, Morena Modimo wa lona, o ile a mo timetsa.


Ke ka baka leo Gideone a ileng a rewa lebitso la Jerubaale ka lona letsatsi leo, e leng ho re: “Baale a ke a ipuelle,” hobane Gideone o heleditse aletare ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos