Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 9:13 - BIBELE

13 Kamoo ke boneng Efraime kateng, o ne a dutse monateng sa motse wa Tire; empa Efraime o tla tswala bana ba hae, a ba tswalle ho bolawa, ho bolawa ke mmolai.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Efraime, ha ke mo tadima, o hlomilwe thoteng e ntle jwaloka Tire, empa Efraime o tla ntshetsa bana ba hae ho ya ba bolayang.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 9:13
13 Referencias Cruzadas  

Menaheme a ripitla motse wa Tifesa, le bohle ba neng ba le ka ho wona. A ripitla le batho ba naha e o potapotileng, ho tloha Tiresa, hobane ba ne ba ile ba re ho yena motse oo ha o kenwe. A o ripitla ka lona lebaka leo. Baimana ba motse oo a ba phatlola dimpa.


Leha a ka atelwa ke bana, ba tla shwa ka sabole, tloholo tsa hae di ke ke tsa anelwa ke dijo;


Ke tla le leleka pela mahlo a ka, jwalokaha ke ile ka leleka bana babo lona, e leng ditloholo tsohle tsa Efraime.’ ”


Lefu le kene ka difesetere tsa matlo, la kena le ka matlung a dikgosi tsa rona, la hleka bana diterateng tsa motse, la hleka le bahlankana mabaleng a motse.


O bitsitse dira tsa ka ka nqa tsohle, wa di bitsa eka o di bitsetsa moketeng. Ka tsatsi leo o no halefile ka lona, Morena, ha ho le ya mong ya kila phonyoha, ha ho le ya mong ya kila sala! Bao ke ba otlileng, ka ba hodisa, bohle ba timeditswe ke sera sa ka!”


Bolella Tire, o re: ‘Wena ya dutseng dikoung tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘O ile wa ikalatisa, wa re: “Botle ba ka bo hloka sekodi!”


morusu wa ntwa o tla tsohela tjhaba sa hao, qhobosheane tsohle tsa hao ebe di a ripitlwa, di ripitlwe sa mohla tsatsi lane la ntwa, ha Shalemane a ne a ripitla Bete-Arabeele, a pshatlaka basadi le masea a bona.


Samaria e tla fumana kotlo, hobane e fetohetse Modimo wa yona. Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole, masea a bona a pshatlanngwe fatshe, baimana ba bona ba tabolakwe dimpa.”


Ke tla ba futuhela se bere e le tshehadi, sa bere e bolaetsweng madinyane a yona, ke tsekolle maaparapelo a bona, ke ba harole jwaloka tauhadi, jwaloka hoja ba harotswe ke sebatana.


Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Efraime ke fate se seng se rathilwe, motso wa hae o se o omeletse, a ke ke a hlola a beha ditholwana. Esita leha a ka tswala bana ke tla bolaya bana ba popelo ya hae, bana bao a ba ratang haholo.”


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos