Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Hosea 9:14 - BIBELE

14 Oho, Morena, ako ba nee! Ekaba o tla ba nea eng, Morena? Ba nee dipopelo, dipopelo tse senyehelwang! Ba nee matswele, matswele a sa tsweng lebese!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ba nee, Jehova! ... o tla ba neang? ... O ba nee dimpa tse tswang le matswele a omeletseng.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 9:14
11 Referencias Cruzadas  

Poho ya ya kgopo e a katika, ha e ke e lala, thole tsa hae di a tswala, ha di ke di folotsa.


Naheng ya heno ha ho mosadi ya tla senyehelwa, kapa eo e tla ba nyopa; ke tla etsa hore o phele halalele.


Tlotla ya Efraime yona e tla nyamela, e nyamele sa nonyana e fofela hole, ho se be pelehi, kemaro, kemolo.


Kamoo ke boneng Efraime kateng, o ne a dutse monateng sa motse wa Tire; empa Efraime o tla tswala bana ba hae, a ba tswalle ho bolawa, ho bolawa ke mmolai.”


Efraime ke fate se seng se rathilwe, motso wa hae o se o omeletse, a ke ke a hlola a beha ditholwana. Esita leha a ka tswala bana ke tla bolaya bana ba popelo ya hae, bana bao a ba ratang haholo.”


Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao!


Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao!


Matsatsing ao ho tla ba madimabe baimana le batswetse. Tlokotsi e tla ba kgolo lefatsheng, le kgalefo ya Modimo setjhabeng sena.


hobane bonang, matsatsi a ya tla, ao ka wona ho tla thwe: ‘Ho lehlohonolo dinyopa, le popelo tse sa kang tsa tswala, le matswele a sa kang a anyesa.’


Ka baka la ditsietsi tsa matsatsi ana, ke lekanya hore ho ka ba molemo ha motho a itulela a le jwalo.


“Bana ba hao ba tla rohakeha, le ditholwana tsa naha ya heno, le manamane a dikgomo tsa hao, le tswala ya mehlape ya hao!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos