Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 7:15 - BIBELE

15 Le hoja ke ba otlile, ke ba matlafaditse, empa bona ba ntherela tse kgopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Nna ke ba rutile, ke bile ke tiisitse matsoho a bona, athe ba rerile bobe hodima ka.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 7:15
18 Referencias Cruzadas  

Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.


Empa Morena a fa Baiseraele mopholosi, mme ba tswa tlasa puso ya Baarame. Bana ba Iseraele ba boela ba iphelela malapeng a bona jwaloka pele.


“Ho lehlohonolo eo Modimo a mo tshwayang phoso, kahoo se nyatse ha Ya Matla a o kgalema.


Morena ako nnamolele ho batho ba kgopo, o ntshireletse ho batho ba sehloho.


Moferefere ke wa eng hara ditjhaba? Matjhaba a rerelang ntho tsa mafeela?


Ke yena feela lefika la ka, ke yena feela pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha.


Morena, ho lehlohonolo motho eo o mo kgalemelang, eo o mo rutang ka Molao wa hao,


Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya,


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


“Wena Iseraele, ke tla o timetsa! Ebe ke mang ya ka tsebang ho o thusetsa?


Le rera mano afe a ho lwantsha Morena? O tla le timetsa, le timelle ruri! Sera se ke ke sa mo tsohela matla habedi.


o ne o bue ka Moya o Halalelang, ka molomo wa mohlanka wa hao Davida, ntata rona, wa re: “ ‘Moferefere ke wa eng hara ditjhaba? Matjhaba a rerelang ntho tsa mafeela?


hobane leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba mo tlotlisa le ho mo leboha jwaloka Modimo. Menahano ya bona ya leba nthong tse se nang thuso, mme pelo tsa bona tse hlokang kutlwisiso tsa fifala.


le tsohle tsa boikgantsho tse lwantshang ho tseba Modimo, mme re tlamella merero yohle hore e ikokobeletse Kreste.


mme le se le lebetse mantswe a kgothatsang, a builweng ho lona le le bana ba Modimo, a reng: “Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya;


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos