Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.
Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba ka ba o tlotlisa ka ho re, ke Modimo, mme ha ba ka ba o leboha; empa ba fetohile mawatla mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona, tse hlokang kelello, di fifetse.
Mme le lebetse kgothatso ya Modimo kamoo o buang le lona kateng, ka ho re, le bana ba wona, ha o re: Mora wa ka, se nyatse tayo ya Morena, mme o se ke wa tepella ha o kgalemelwa ke yena;