Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 8:12 - BIBELE

12 A boela a ema matsatsi a supileng hape, a nto boela a ntsha leeba, empa la se ke la hlola le kgutlela ho yena hape.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A lebadisa hape ditshiu tse supileng, a boela a ntsha leeba, mme ha le a ka la hlola le kgutlela ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 8:12
12 Referencias Cruzadas  

A ema matsatsi a mang a supileng, a nto ntsha leeba hape ka arekeng.


Mantsiboya la kgutlela ho yena, molomong wa lona le nkile lehlaku la mohlwaare, le neng le qeta ho rojwa. Jwale Nowe a tseba hore metsi a fokotsehile lefatsheng.


Lebella Morena, o be sebete; tiya pelo, o lebelle Morena.


Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”


Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.


Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.


Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika.


Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos