Genese 8:11 - BIBELE11 Mantsiboya la kgutlela ho yena, molomong wa lona le nkile lehlaku la mohlwaare, le neng le qeta ho rojwa. Jwale Nowe a tseba hore metsi a fokotsehile lefatsheng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)11 Mantsiboya, leeba la kgutlela ho yena, mme bona, le ne le na le lehlaku la mohlwaare molomong wa lona, le kgweboditsweng; mme Nowe a tseba hobane metsi a kgwehlile lefatsheng. Ver Capítulo |
le hore ba hlabe mokgosi, ba phatlalatse metseng yohle ya bona, le Jerusalema, ba re: “Nyolohelang thabeng, le reme makala a mohlwaare oo ditholwana tsa wona di etsang ole, le a mohlwaare wa naha, le makala a mohlakola, le makala a dipalema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, ho tla etsa maphephe jwalokaha ho ngotswe.”