Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 5:5 - BIBELE

5 Ditshiu tsohle tseo Adama a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a mararo; a nto shwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ditshiu tsohle tseo Adama a phetseng ka tsona, e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo; mme a shwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 5:5
21 Referencias Cruzadas  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


Ditshiu tsohle tseo Enoshe a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le metso e mehlano; a nto shwa.


Hoba Seta a tswalwe, Adama o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi, mme a tswala bara ba bang le baradi.


Seta o ne a ena le dilemo tse lekgolo le metso e mehlano ha a tswala Enoshe.


Ditshiu tsohle tseo Seta a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le leshome le metso e mmedi; a nto shwa.


Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.


Adama a tswala Seta, Seta a tswala Enoshe, Enoshe a tswala Kenane,


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


Morena, ako hopole bokgutshwanyane ba bophelo, hopola hore batho bohle o ba bopetse lefeela.


Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.


batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.


lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.


Ba phelang bona ba a tseba hore ba tla shwa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang, moputso le wona ha ba ka ke ba o fumana, esita le ho hopolwa ha ba sa hopolwa.


Kamehla o apare aparo tse tshweu, kamehla hlooho ya hao e tlotswe ka ole.


Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!


Le rate Morena Modimo wa lona, le mamele lentswe la hae, le mo kgomarele, hobane ke yena ya le phedisang, ya lelefatsang matsatsi a ho phela ha lona, e le hore le tle le ahe naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo, hore o tla le nea yona.”


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos