Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 5:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ditshiu tsohle tseo Adama a phetseng ka tsona, e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo; mme a shwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ditshiu tsohle tseo Adama a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a mararo; a nto shwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 5:5
21 Referencias Cruzadas  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


Ditshiu tsohle tsa Enose ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa.


Eitse hobane Adama a tswale Setha, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; a tswala bara le baradi.


Setha a phela dilemo tse lekgolo le metso e mehlano; a tswala Enose.


Ditshiu tsohle tsa Setha e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a leshome le metso e mmedi; mme a shwa.


Athe re fela re tshwanetse ho shwa, re jwaloka metsi a tsholohetseng fatshe, a ke keng a boela a bokellwa; wona Modimo ha o amohe motho bophelo ba hae, athe o ye o hopole mokgwa wa hore ya lelekilweng a se ke a lahlelwa ruri pela wona.


Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.


Motho ke mang ya phelang, mme a sa tlo ka a bona ho shwa? Ke mang ya ka lopollang moya wa hae matleng a nqalo ya bafu? (Sela.)


Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.


mohla batho ba tla tshaba ho ya dinqalong tse phahameng, mme ho tla tsamauwa ditseleng ka ho tshoha; mohla amanda e tla palesa, le tshitwe e tla kgathatsa, le dijo di tla kgobohela motho, hobane o se a ikela tlung ya hae e sa feleng, mme balli ba potoloha lepatlelong;


lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.


Ba utlwang bona ba tseba hobane ba ya shwa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, mme ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatsheng, hobane lebitso la bona le lebetswe.


Diaparo tsa hao di nne di be tshweu, ole e se ke ya hlokahala hloohong ya hao.


Bonang, meya yohle ke ya ka; moya wa ngwana le moya wa ntatae ke ya ka hammoho; moya o etsang sebe ke wona o tla shwa.


o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae, mme o mo kgomarele; hobane ke yena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao, o tle o ahe lefatsheng leo Jehova a anetseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, hore o tla ba nea lona.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos