Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 47:9 - BIBELE

9 Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:9
29 Referencias Cruzadas  

Hoba Arepakeshade a tswalwe, Sema o ile a phela dilemo tse makgolo a mahlano, mme a tswala bara ba bang le baradi.


Ditshiu tsa ho phela ha Isaka e bile dilemo tse lekgolo le mashome a robedi.


Jakobo a phela naheng ya Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; kahoo Jakobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.


Jwale Faro a re ho Jakobo: “Dilemo tsa hao di kae?”


Ditshiu tsohle tseo Metushela a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a tsheletseng a metso e robong; a nto shwa.


Josefa a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome, mme ba omeletsa setopo sa hae, ba se kenya lekeseng, moo Egepeta.


Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.


“Motho ya tswetsweng ke mosadi o phela hakgutshwanyane, bophelo ba hae bo aparetswe ke ditsietsi;


Ke mofeti mona lefatsheng; o se ke wa mpatela melao ya hao.


Thato ya hao ke pina ho nna, fatsheng lena leo ke leng mofeti ho lona.


O kgalemela motho ka ho mo otla, ka ho mo otlela melato ya hae, o fedisa seo a se ratang jwalokaha eka se jewa ke tshwele. Ruri motho ke lefeela.


Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe, o se hane ho mamela sello sa ka. Ke mojaki naheng ya hao, ke mofeti jwaloka bo-ntate.


“Morena, ako ntsebise pheletso ya ka, le bolelele ba matsatsi a ka; a nke ke tsebe hore na bophelo ba ka bo feta kapele hakaakang!


Hape ke ile ka etsa selekane sa ka le bona, e leng sa ho ba nea naha ya Kanana; naha ya bojaki ba bona, eo ba neng ba jakile ho yona.


Ha ba bua le Faro, Moshe o ne a ena le dilemo tse mashome a robedi, Arone a ena le dilemo tse mashome a robedi a metso e meraro.


Ha ho le jwalo, re kgothetse kamehla, leha re ntse re tseba hore ho phela mmeleng ona ke ho phela hole le Morena.


Ha Moshe a eshwa o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Empa mahlo a hae a ne a ntse a bona hantle, le matla a hae a ntse a le kaofela.


Mona lefatsheng ha re na motse wa kamehla, empa re ipatlela motse o tlang ho tla.


Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.


Kamora tsena Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos