8 Jwale Faro a re ho Jakobo: “Dilemo tsa hao di kae?”
8 Faro a re ho Jakobo: Ditshiu tsa ho phela ha hao di kae na?
Aborahama a neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena, hoba a phele halalele ka boiketlo, a hodile, a atetswe ke ditshiu.
Jakobo a phela naheng ya Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; kahoo Jakobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.
Yaba Josefa o tlisa ntatae Jakobo, o mo emisa kapele ho Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.
Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”
Empa Barasilai a re ho kgosi: “Ebe ke sa tla phela nako e kae, hoo nka yang le kgosi Jerusalema?