Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 47:4 - BIBELE

4 Ba boela ba re ho Faro: “Re tlile ho tla jaka naheng ena, hobane mehlape ya bahlanka ba hao ha e na makgulo, kaha tlala e kgolo naheng ya Kanana. Ka hona re a o kopa: O ke o dumelle bahlanka ba hao ho aha seterekeng sa Goshene.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba ba ba re ho Faro: Re tlile ho jaka naheng ena, hobane ha ho makgulo a mehlape ya bahlanka ba hao, ka hoba tlala e kgolo naheng ya Kanana, mme re a o rapela jwale, hore bahlanka ba hao ba ke ba ahe naheng ya Goshene.

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:4
11 Referencias Cruzadas  

Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana.


Yaba Morena o re ho Aborame: “Tseba hore ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba; di tla etswa makgoba teng, mme di tla hatellwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Naheng ya Kanana tlala e ne e le ya bojadikata.


O tla jaka seterekeng sa Goshene, o tlo be haufi le nna, wena le bara ba hao, le ditloholo tsa hao, le mehlape ya hao ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo o nang le tsona.


le tle le re: ‘Haesale bahlanka ba hao e le badisa, ho tloha botjheng ba bona, ho fihlela kajeno, rona le bo-ntata rona,’ e le hore le tle le jake seterekeng sa Goshene, hobane Baegepeta ba kgesa badisana bohle.”


Faro a bua le Josefa, a re: “Ntatao le bana beno ba tlile ho wena.


Yaba Iseraele o fallela Egepeta, Jakobo a jaka naheng ya Kama.


Morena Modimo o bua tjena: “Tjhaba sa ka se ile sa ya Egepeta ho jaka teng, hamorao Baasiria ba se tuba ntle ho mabaka!”


“Jwale tlala ya wela Egepeta yohle le Kanana, matshwenyeho a eba maholo, mme bo-ntata rona ba hloka dijo.


Modimo a bua tjena, a re: ‘Ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba, mme di tla etswa makgoba, di sotlwe ka dilemo tse makgolo a mane.


Jwale wena o tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: ‘Ntate e ne e le Moarame wa moleleri, a theohela Egepeta, a jaka teng le batho ba mmalwana. Empa ha a se a le moo ya eba setjhaba se seholo, se matla, se sengata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos