Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 47:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba ba ba re ho Faro: Re tlile ho jaka naheng ena, hobane ha ho makgulo a mehlape ya bahlanka ba hao, ka hoba tlala e kgolo naheng ya Kanana, mme re a o rapela jwale, hore bahlanka ba hao ba ke ba ahe naheng ya Goshene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ba boela ba re ho Faro: “Re tlile ho tla jaka naheng ena, hobane mehlape ya bahlanka ba hao ha e na makgulo, kaha tlala e kgolo naheng ya Kanana. Ka hona re a o kopa: O ke o dumelle bahlanka ba hao ho aha seterekeng sa Goshene.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:4
11 Referencias Cruzadas  

Jwale tlala ya eba teng lefatsheng leo; yaba Abrame o theohela Egepeta ho ya ahella teng, kahobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng leo.


Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Tlala ya nna ya tota lefatsheng. Eitse hobane ba qete koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: Boelang le ye ho re rekela dijonyana.


O tla aha naheng ya Goshene, o be haufi le nna, wena le bana ba hao, le bana ba bana ba hao, le manku a hao, le makgomo a hao, le tsohle tseo o nang le tsona.


le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.


Faro a bolella Josefa, a re: Ntatao le banabeno ba tlile ho wena.


Ebile moo Iseraele a fihlang Egepeta, mme Jakobo a ba mojaki naheng ya Kama.


Hobane Morena Jehova o re: Setjhaba sa ka sa na sa theohela Egepeta kgale ho ahella teng mehla e meng, Baassiria ba ntoo se hlorisa feela.


Ha wa tlala lefatsheng lohle la Egepeta le ho la Kanana, tsietsi ya ba ya eba kgolo; bontata rona ba sitwa le ho fumana dijo.


Modimo wa mmolella hore ditloholo tsa hae di tla jaka lefatsheng lesele, di etswe makgoba, mme di etswe hampe ka dilemo tse makgolo a mane.


Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos