Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 44:7 - BIBELE

7 Yaba ba re ho yena: “Ho ya kang ha morena rona a ka bua mantswe a tjee? Hase ntho eo bahlanka ba hao ba ka e etsang e jwalo!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba re ho yena: We! ke ka baka lang ha morena a bua taba tse jwalo? Ekaba ke sehloho se jwang ha rona bahlanka ba hao re ka etsa jwalo!

Ver Capítulo Copiar




Genese 44:7
12 Referencias Cruzadas  

Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.


Mookamedi ha a fihla ho bona, a ba bolella mantswe ana.


Bona hle, tjhelete eo re e fumaneng ka melomong ya mekotla ya rona ha re le Kanana, re o kgutliseditse yona. Jwale re ka utswa jwang silefera kapa kgauta tlung ya morena hao?


Joabe a araba, a re: “Le ho ka! Nke ke ka leka ho o ripitla, kapa ho o timetsa.


Hasaele a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ntja e tjee, nka etsa ntho e kgolo hakaalo?” Elisha a mo araba, a re: “Morena o mpontshitse hore wena o tla ba kgosi ya Arame.”


Bitso le letle le molemo ho feta maruo a mangata, ho hlompheha ho molemo ho feta silefera kapa kgauta.


Bitso le letle le feta menkwane ka ho rateha, tsatsi la lefu le molemo ho feta la tswalo.


Re rapelleng. Re kgodisehile hore matswalo a rona a kgutsitse, hobane re rata ho ba le metsamao e metle dinthong tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos