Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 44:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba re ho yena: We! ke ka baka lang ha morena a bua taba tse jwalo? Ekaba ke sehloho se jwang ha rona bahlanka ba hao re ka etsa jwalo!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba ba re ho yena: “Ho ya kang ha morena rona a ka bua mantswe a tjee? Hase ntho eo bahlanka ba hao ba ka e etsang e jwalo!

Ver Capítulo Copiar




Genese 44:7
12 Referencias Cruzadas  

Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Yare moo a ba fihlelang, a ba bolella jwalo.


Hle ke moo tjhelete eo ra nang ra e fumana melomong ya mekotla ya rona re hlile re e buseditse ho wena ha re etswa naheng ya Kanana; a re ne re ka utswa jwang silefera kapa kgauta ka tlung ya morena wa hao na?


Joabe a mo fetola, a re: E be hole le nna, e be hole le nna, taba ya hore ke heletse, kapa ke timeletse;


Hasaele a re: Mohlanka wa hao keng haele moo ke le ntja feela, hore ke etse tse kalo? Elisha a re: Jehova o mpontshitse hobane o tla ba morena wa Siria.


Botumo bo fetisa maruo a maholo, hlompheho le yona e fetisa silefera le kgauta.


Botumo bo botle bo molemo ho ena le ole e nkgang hamonate, le letsatsi la ho shwa ho ena le letsatsi la ho tswalwa.


Re rapelleng; re fela re kgolwa hoba re na le letswalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos