Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 44:2 - BIBELE

2 Ka molomong wa mokotla wa wa ho fela, o kenye senwelo sa ka sa silefera, mmoho le tjhelete e rekileng koro ya hae.” Mookamedi a etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O kenye le senwelo sa ka, senwelo sa silefera, molomong wa mokotla wa e monyenyane, le tjhelete ya koro ya hae. A etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 44:2
12 Referencias Cruzadas  

Jwale le ntlisetse moena lona, mantswe a lona a tle e netefale, mme ha le ka ke la shwa.” Yaba ba etsa jwalo.


Josefa a laela hore mekotla ya bona e tlatswe koro; le hore ho kgutlisetswe tjhelete ya e mong le e mong ka mokotleng wa hae; le hore ba fuwe mofao. Ba etsetswa jwalo.


Ba mmeela tsa hae a le mong, le tsa bona ba le bang, le tsa Baegepeta ba jang le yena ba le bang, hobane Baegepeta ha ba lokele ho ja le Baheberu, kaha hoo ke manyala ho Baegepeta.


Jwale Josefa a laela mookamedi wa lelapa la hae, a re: “Tlatsa mekotla ya banna bana ka dijo tseo ba ka tsebang ho di nka, mme o kgutlisetse tjhelete ya e mong le e mong ka molomong wa mokotla wa hae.


Yaba o a batla; a qala ka e moholo, a qetella ka wa ho fela, mme senwelo sa fumanwa ka mokotleng wa Benjamine.


Ha ho qala ho ela, banna bana ba dumellwa hore ba tsamaye le ditonki tsa bona.


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang.


lona le se ke la mamela polelo ya moporofeta eo, kapa ya molori eo, hobane Morena Modimo wa lona, o a le leka, ho bona hore na le rata Morena Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.


Ha le le lehwatateng, Morena o ile a le fepa manna, ao bo-ntata lona ba neng ba sa a tsebe, hore a le kokobetse, a le leke, qetellong a tle a le etsetse tse molemo.


Le hopole leeto lohle leo Morena Modimo wa lona, a le tsamaisitseng lona lehwatateng ka dilemo tsena tse mashome a mane. O ile a le kokobetsa, a le leka, hore a bone se ka dipelong tsa lona, hore na le tla boloka melao ya hae kapa tjhe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos