Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 44:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O kenye le senwelo sa ka, senwelo sa silefera, molomong wa mokotla wa e monyenyane, le tjhelete ya koro ya hae. A etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ka molomong wa mokotla wa wa ho fela, o kenye senwelo sa ka sa silefera, mmoho le tjhelete e rekileng koro ya hae.” Mookamedi a etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 44:2
12 Referencias Cruzadas  

le ntoo ntlisetsa ngwanabo lona e monyenyane, mantswe a lona a tle a netafale, le tle le se ke la shwa. Mme ba etsa jwalo.


Yaba Josefa o laela hore mekotla ya bona e tlatswe ka koro, le hore tjhelete ya e mong le e mong e busetswe mokotleng wa hae, mme ba newe mefaho ya tsela. Ba etsetswa jwalo.


Ba mo tsholela kahosele, le bona ba tsholelwa kahosele, le Baegepeta ba jang le yena ba tsholelwa kahosele; hobane Baegepeta ha ba na ho ja le Baheberu, hobane ke manyala ho Baegepeta.


Josefa a laela mohlahlobi wa ntlo ya hae, a re: Tshela mekotla ya batho bao koro, o lekanye kamoo ba ka belesang kateng; o busetse tjhelete ya e mong le e mong molomong wa mokotla wa hae.


Yaba o phenyokolla ho qala ka e moholo ho qetella ka e monyenyane; mme senwelo sa fumanwa mokotleng wa Benjamine.


Yare ka meso banna bao ba kgutliswa le diesele tsa bona.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Ha ke rialo ka molao, empa e le hore ke leke, ka mafolofolo a ba bang, nnete ya lerato la lona.


o se ke wa mamela dipolelo tsa moporofeta eo, kapa tsa molori eo wa ditoro; hobane ke Jehova, Modimo wa lona, ya le lekang hore a tsebe ha le rata Jehova, Modimo wa lona, ka pelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle.


ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos