4 Haeba o re dumella ho ya le moena rona, re tla theoha, re yo o sella.
4 Ha o ka dumela ho roma ngwanabo rona le rona, re tla theoha, re o rekele dijo:
Yaba o re: “Bonang, ke utlwile hore koro e teng Egepeta; theohelang teng, le yo re sella, re tle re phele re se ke ra shwa.”
Yare ha ba qetile ho ja koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: “Kgutlelang Egepeta, le yo re sella hape.”
Yaba Juda o a araba, o re: “Monna eo o re hlokomedisitse a tiile, a re: ‘Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona.’
Empa ha o sa dumele, ha re ka ke ra theoha, hobane monna eo o itse ho rona: ‘Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona.’ ”
ra re: ‘Re sitwa ho theohela teng. Re tla ya feela haeba moena rona a ka theoha le rona, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo ha re sitwa ho ya le moena rona.’