Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 43:3 - BIBELE

3 Yaba Juda o a araba, o re: “Monna eo o re hlokomedisitse a tiile, a re: ‘Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona.’

Ver Capítulo Copiar




Genese 43:3
13 Referencias Cruzadas  

Yare ha ba qetile ho ja koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: “Kgutlelang Egepeta, le yo re sella hape.”


Haeba o re dumella ho ya le moena rona, re tla theoha, re yo o sella.


Empa ha o sa dumele, ha re ka ke ra theoha, hobane monna eo o itse ho rona: ‘Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona.’ ”


Yaba o re ho bahlanka ba hao: ‘Ha le sa ntlele le moena lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka.’


Yaba kgosi e re: “Ere Abosalome a ye tlung ha hae, feela a se ke a ba a mpona.” Kahoo Abosalome a ya tlung ha hae, mme a se ke a ba a bona kgosi.


Abosalome a aha Jerusalema ka dilemo tse pedi, empa a se ke a bona kgosi.


Abosalome a re ho Joabe: “Bona mona, ke ile ka o bitsa, ka re o tle kwano, ke tlo o roma ho kgosi, o yo re ho yona: ‘Ke hobaneng ke latilweng Geshure? Ho ka be ho le molemo hoja ke ntse ke le moo.’ Jwale a nke ke bone kgosi; haeba ke ena le molato, e mpolaye!”


Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le wena, empa ke batla ntho e le nngwe feela ho wena, e leng hore o se ke wa mpona, haese haeba o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, pele o etla ho tla kopana le nna.”


“Jwale bonang, ke a tseba hore lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke phatlalatsa tsa Mmuso, ha le sa tla bona sefahleho sa ka hape.


Se ileng sa ba utlwisa bohloko haholo ke polelo eo a ileng a e bolela, ya hore ha ba sa tla hlola ba bona sefahleho sa hae hape. Yaba ba mo felehetsa ho mo isa sekepeng.


Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos