Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 43:12 - BIBELE

12 Nkang tjhelete e lekanang le ya pele habedi, le busetse le tjhelete e neng e kgutle e kentswe mekotleng ya lona, mohlomong e ne e kgutle ka phoso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Le nkeng le tjhelete e nngwe hape matsohong a lona, le tjhelete e kgutliseditsweng melomong ya mekotla ya lona le e kgutliseng; ekaba e ne e le kgakang.

Ver Capítulo Copiar




Genese 43:12
12 Referencias Cruzadas  

Josefa a laela hore mekotla ya bona e tlatswe koro; le hore ho kgutlisetswe tjhelete ya e mong le e mong ka mokotleng wa hae; le hore ba fuwe mofao. Ba etsetswa jwalo.


Ha ba tsholla mekotla ya bona, bonang, e mong le e mong a fumana sephuthelwana sa tjhelete ya hae ka mokotleng wa hae; taba ena ya ba tshosa mmoho le ntata bona.


Nkang le yena moena lona, le tsamaye le kgutlele ho monna eo.


Yare ha re fihla moo re robaleditseng teng, re qhaqholla mekotla ya rona, e mong le e mong wa rona a fumana tjhelete ya hae ka molomong wa mokotla wa hae, e ntse e le boimeng ba yona ba pele; jwale re e kgutlisitse.


Re tlile le tjhelete e nngwe hape, eo re tla sela ka yona. Ha re tsebe ya ileng a kenya tjhelete ya rona ka mekotleng ya rona.”


Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle.


Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.


hobane re pheella tse molemo, e seng pela Morena feela, empa le pela batho.


Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.


Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.


Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle,


Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos