Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 4:14 - BIBELE

14 Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bona, o ntelekile naheng ena kajeno, mme ke tla patelwa sefahleho sa hao, mme ke tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng: ka baka lena, mang le mang ya mphumanang o tla mpolaya.

Ver Capítulo Copiar




Genese 4:14
27 Referencias Cruzadas  

A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.


Kaine a re ho Morena: “Kotlo ya ka e kgolo hoo ke sitwang ho e mamella.


Jwale lelapa lohle le tsohetse lekgabunyane la hao matla, mme le re: ‘Neelana ka ya bolaileng ngwanabo, re mmolaye, hobane o bolaile ngwanabo; re be re bolaye le yena mojalefa wa hae.’ Ka mokgwa ona ba tla mpolaela ngwana ya seng a ntshaletse, ebe lebitso la monna wa ka le a fela lefatsheng.”


Bana ba hae ba lelere, e be mekopakopa, ba lelekwe thakong tsa habo bona.


Ho se be motho ya mo hauhelang, kapa ya thusang dikgutsana tsa hae.


Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.


Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae.


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


Jwale ba tla tadima fatshe, ba bone ditsietsi le lefifi, lefifi le hlomolang, mme ba akgelwe lefifing.


Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.


Kahoo ba tla tshwana le mouwane wa hoseng, ba je jwaloka phoka ya meso e hlohlorehang, ba be jwaloka mmoko o fefolwang ke moya seotlong, ba be jwaloka mosi o foqohang hodima ntlo.


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


“ ‘Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.


Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye.


kapa haeba a ka mo otla ka setebele ka baka la bora, mme eba eo o a shwa, eo ya mmolaileng ruri o tla bolawa, hobane ke mmolai. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ha a kopana le yena.


eba mophetetsi wa madi a tsholotsweng o mo fumana kantle ho moedi wa motse oo a tshabetseng ho wona, mme mophetetsi eo wa madi a tsholotsweng o a mmolaya, ha a na ho ba le molato wa ho tsholla madi,


“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Morena o tla le qhalakanya hara ditjhaba tsohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, mme hona moo le tla sebeletsa medimo e meng, eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba, e leng ya lehong le ya lejwe.


Hara ditjhaba tseo le ke ke la fumana boiketlo, le maoto a lona a tla hloka moo a ka hatang teng. Morena o tla etsa hore dipelo tsa lona di tshwenyehe, mahlo a lona a fifale, meya ya lona e hlomohe.


Ba tla ahlolelwa timelo e sa feleng, ba be holehole le sefahleho sa Morena le kganya ya botlotlehi ba hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos