Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”
Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.
Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise.