Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 39:12 - BIBELE

12 Mosadi eo a mo tshwara ka seaparo sa hae, a re: “Robala le nna!” Empa Josefa a siya seaparo sa hae matsohong a mosadi, a balehela kantle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 a mo tshwara ka kobo, a re ho yena: Robala le nna! Yaba o siya kobo ya hae matsohong a hae, a baleha, a tswela ntle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 39:12
16 Referencias Cruzadas  

Le hoja mosadi a nnile a bua le Josefa ka matsatsi wohle, ha a a ka a mo mamela, leha e le ho robala le yena, kapa le ho ba le yena.


Ka tsatsi le leng Josefa a kena ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ka tlung eo ho ne ho se na le ya mong wa bahlanka ba lelapa leo.


Yare ha mosadi a bona hore o siile seaparo sa hae matsohong a hae, o balehetse kantle,


Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka.


Yare ha a re o mo nea tsona hore a je, Amanone a mo qhautsa ka letsoho, a re ho yena: “Tlo robale le nna, kgaitsedi ya ka!”


Mora wa ka, se tsamaisane tsela le bona, mohlaleng wa bona o se ke be wa hata.


le tsamayeng tseleng tse hole, tse hole le sehlola, monyako wa ntlo ya sona le se o atamele,


Ipholose sa tshepe matsohong a setsomi, ipholose sa nonyana rabeng la motshwasi wa yona.


Mosadi ya tshwasang ka maqiti a hae, eo pelo ya hae e tshwanang le sefi, matsoho a hae a kang mahlaahlela, ka fumana a tshabeha ho feta le lefu. Ya kgahlisang Modimo o tla phonyoha atleng tsa hae, athe moetsadibe yena o tla tshwaswa.


Le se ke la ithetsa. “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.”


Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Ha Samuele a reteleha, a tsamaya, Saule a tshwara qola ya kobo ya hae, mme ya taboha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos