Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 39:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 a mo tshwara ka kobo, a re ho yena: Robala le nna! Yaba o siya kobo ya hae matsohong a hae, a baleha, a tswela ntle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Mosadi eo a mo tshwara ka seaparo sa hae, a re: “Robala le nna!” Empa Josefa a siya seaparo sa hae matsohong a mosadi, a balehela kantle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 39:12
16 Referencias Cruzadas  

Leha a ne a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo dumela hore a robale le yena, leha e le ho ba le yena.


Mohlomong, ha a ile ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ho se le a mong wa batho ba ntlo teng ka tlung,


Eitse ha a bona hoba o siile kobo ya hae matsohong a hae, a balehile,


Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka;


A re a sa a beile pela hae hore a a je, Amnone a mo tshwara, a re ho yena: Tloo, kgaitsedi ya ka, o robale le nna.


Mora ka, o se ke wa ya ka tsela ya bona, o fapose leoto la hao mmileng wa bona.


Tsela ya hao o e fetise hole le yena, o se ke wa atamela monyako wa ntlo ya hae;


O phonyohe jwaloka tshephe mameneng, le jwaloka nonyana lerabeng la setsomi.


Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.


Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.


O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.


Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;


Eitse Samuele ha a reteleha ho tsamaya, Saule a mo tshwara ka moleka wa kobo ya hae; yaba e a hahoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos