Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:8 - BIBELE

8 Ha Isaka a se a ahile moo ditshiu tse teletsana, Abimeleke, kgosi ya Bafilesita, a tadima ka fesetere, mme a bona Isaka a ntse a phathapathatsana le Rebeka, mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yare ha Isaaka a se a ahetse teng haleletsana, Abimeleke, morena wa Bafilesta, a tadima ka fenetere, mme a tshoha a bona Isaaka a ntse a bapala le Rebeka, mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:8
8 Referencias Cruzadas  

Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.


Yaba Abimeleke o bitsa Isaka, o re: “Ha ke re eo ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o ile wa re ke kgaitsedi ya hao?” Isaka a mo araba, a re: “Ke hobane ke ile ka nahana hore mohlomong ka baka la hae ke tla tshoha ke bolawa.”


Fesetereng ya ntlo ya ka ka tadima ka mamatjana a yona.


Ka matsatsi wohle a bophelo ba hao ba lefeela, boo Modimo a o neileng bona mona lefatsheng, e leng matsatsi a se nang thuso, iphelele ka thabo le mosadi wa hao eo o mo ratang. Ona ke wona moputso oo o o fumanang ha o ntse o phela, mme o sebetsa ka thata mona lefatsheng.


Moratuwa o tshwana le tshepe kapa namane ya kgama; mmoneng ke eo a eme kamora lerako, a shebile ka fesetere, a hlwedisa le ka diphera.


Jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao le bona ba tla o nyala; jwalokaha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao le yena o tla o thabela.


“Mma Sisera a hlaha ka fesetere a qamaka, a howa a le kamora lesira, a re: ‘Kariki ya hae ya ntwa e diehile hakaakang? Diqi tsa dipere tsa hae ha di utlwahale keng?’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos