Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:7 - BIBELE

7 Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:7
15 Referencias Cruzadas  

Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo;


Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.”


Mahosana a Faro a mmona, mme a mo babatsa ho Faro; yaba mosadi eo o iswa tlung ya Faro.


Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.


Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara.


Na hase yena ya ileng a re ho nna: ‘Ke kgaitsedi ya ka’? Le yena mosadi a re: ‘Ke ngwaneso’? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.”


Morwetsana enwa o ne a le motle haholo, a eso dihuwe letswele. A theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae, a nyoloha.


Yaba Isaka o aha Gerare.


Ha Isaka a se a ahile moo ditshiu tse teletsana, Abimeleke, kgosi ya Bafilesita, a tadima ka fesetere, mme a bona Isaka a ntse a phathapathatsana le Rebeka, mosadi wa hae.


Mahlo a Lea a ne a le bolea, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle haholo.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae.


Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos