Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:34 - BIBELE

34 Ha Esau a ena le dilemo tse mashome a mane a nyala Jehudite, moradi wa Beeri wa Mohete, le Basemate, moradi wa Elone wa Mohete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Esau e ne e le motho ya dilemo tse mashome a mane, mme a nyala Judithe, moradi wa Beeri, Mohethe, le Basmathe, moradi wa Elone, Mohethe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:34
11 Referencias Cruzadas  

ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona,


Jwale Rebeka a re ho Isaka: “Ke tennwe ke bophelo ka baka la basadi bana ba Bahete. Haeba Jakobo a ka nyala e mong wa banana ba Bahete ba jwaloka bana, bophelo ba ka bo tla ba le molemo ofe ho nna?”


Esau a bona hore mahlong a ntatae, Isaka, banana ba Bakanana ba kgopo;


yaba o ya ha Ishemaele, o eketsa sethepu sa hae ka ho nyala Mahalate, moradi wa Ishemaele, mora wa Aborahama, kgaitsedi ya Nebajote.


Bara ba Reuele ke bana: Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Bana ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau.


Esau o ile a nyala basadi ba Bakanana: Ke Ada, moradi wa Elona wa Mohete; Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone wa Mohife;


mme Oholebama a tswala Jeushe, le Jalame, le Kora. Bana ke bara ba Esau ba tswaletsweng naheng ya Kanana.


O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo.


Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.


Ho se be mang kapa mang eo e leng sehlola, kapa ya sa tshabeng Modimo jwaloka Esau, yena ya neng a fane ka ditokelo tsa boholo ba hae ba tswalo ho reka mothangwana wa sejo.


Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?” Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos