Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Esau e ne e le motho ya dilemo tse mashome a mane, mme a nyala Judithe, moradi wa Beeri, Mohethe, le Basmathe, moradi wa Elone, Mohethe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Ha Esau a ena le dilemo tse mashome a mane a nyala Jehudite, moradi wa Beeri wa Mohete, le Basemate, moradi wa Elone wa Mohete.

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:34
11 Referencias Cruzadas  

ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;


Rebeka a re ho Isaaka: Ke tennwe ke ho phela ha ka ka baka la baradi ba Hethe; ekare ha Jakobo a ka inkela mosadi ho baradi ba Hethe, ya jwaloka barwetsana ba naha ena, na bophelo ba ka e tla ba bo jwang?


yaba Esau o lemoha hoba baradi ba Kanana ba babe mahlong a Isaaka, ntatae.


Yaba Esau o ya ho Ishmaele, a nka Mahalathe, moradi wa Ishmaele, mora Abrahama, kgaitsedi ya Nebajothe, hore e be mosadi wa hae, kantle ho basadi bao a neng a se a ena le bona.


Bara ba Reuele ke bana: Nahathe le Sera, Shamma le Missa. Bana ya eba bara ba Basmathe, mosadi wa Esau.


Oholibama a tswala Jeushe, le Jaelama, le Kore: bao ke bara ba Esau bao a ba tswaletsweng naheng ya Kanana.


mme wa nkela bara ba hao baradi ba bona, yaba baradi ba bona, ka ho feba le medimo ya bona, ba febisa le bara ba lona le medimo ya bona.


Empa ka baka la ho tshaba bofebe, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.


Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.


Ebile Davida o bua, a laela Akimeleke Mohethe, le Abishai, mora Tseruja, ngwanabo Joabe, a re: Ke mang eo re tla theohela le yena ho Saule diahelong na? Abishai a re: Ke nna ke tla theoha le wena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos