Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 21:16 - BIBELE

16 Jwale a tloha, a ya dula a lebane le yena, a le bohole bo lekanang le ba ho beba ha motsu wa seqha ha o betswa, hobane o ne a re: “Ha ke rate ho bona ha moshanyana a eshwa.” Ha a ntse a dutse malebana le yena jwalo, moshanyana a bokolla habohloko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 a sutha, a ya dula malebana le yena sebaka se ka ka sa motsu ha o phoswa: hobane o ne a re: Ke se ke ka bona ngwana ha a eshwa. A nna a dula malebana le yena, a phahamisitse lentswe, a lla.

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:16
16 Referencias Cruzadas  

Ha metsi a ka lekukeng a se a fedile, yaba Hagare o bea moshanyana katlasa sehlahla se seng.


Yaba Esau o re ho ntatae: “Na ha o sa na le lehlohonolo le leng ntate? Le nna ntlhohonolofatse hle, ntate!” Esau a bokolla habohloko.


Jwale Jakobo a aka Ragele, a ba a lla.


Jwale nka nyolohela jwang ho ntate, ha mohlankanyana a le siyo? Ke tshaba ho bona bomadimabe bo tla hlahela ntate.”


Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”


Ka baka la motlopotlo wa ho tswala, mosadi eo ngwana ya phelang e neng e le wa hae a bua, a re ho kgosi: “Oho, monga ka, mpe o nee mosadi enwa ngwana enwa ya phelang, o se ke wa mmolaya.” Empa mosadi wa bobedi yena a re: “E se be wa ka kapa wa hao! A hle a kgekgethwe!”


Nka tiisetsa jwang ho bona bobe bo tla etswa ho setjhaba sa heso? Kapa nka tiisetsa jwang ho bona bang ka nna ba timetswa?”


“Na mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang, a se ka hauhela ngwana wa popelo ya hae? Leha yena a ka lebala, nna ha nka ke ka o lebala!”


“Lona tjhaba sa ka, aparang tse mahwashe, le be le ipitike hara molora; le lle se bohloko sa mmokotsane, le lle jwalokaha eka le llela mora ya mong, hoba motimetsi o tla futuha, a futuhe ka ho tsometsa.”


Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


A tsamaya, a ya ho ntatae. “Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka.


Hoba lengeloi la Morena le bue mantswe ana ho bana bohle ba Iseraele, setjhaba sa bokolla haholo.


Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.


Hoba Davida a bue mantswe ana ho Saule, yaba Saule o re: “Davida, mora wa ka, na ke wena ya buang?” Saule a lla haholo.


Davida le banna bao a neng a ena le bona, ha ba bona hona, ba lla haholo, ho fihlela ba bile ba kgathala ke ho lla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos