Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 21:15 - BIBELE

15 Ha metsi a ka lekukeng a se a fedile, yaba Hagare o bea moshanyana katlasa sehlahla se seng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba metsi a fela ka sehwaneng; yaba Agare o bea ngwana katlasa sehlahla,

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:15
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


Jwale a tloha, a ya dula a lebane le yena, a le bohole bo lekanang le ba ho beba ha motsu wa seqha ha o betswa, hobane o ne a re: “Ha ke rate ho bona ha moshanyana a eshwa.” Ha a ntse a dutse malebana le yena jwalo, moshanyana a bokolla habohloko.


Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”


Jwale dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, tsa tsamaya leeto la matsatsi a supileng, metsi a nowang ke bahlabani le diphoofolo a ba a fela.


Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.


Lelala le nka tshepe le e bese mollong, le e kgobe ka hamore, le bope modimo wa bohata, le e kgobe ka tsoho la lona le sefutho, ho fihlela le lapa, le fellwa ke matla, metsi le sa a nwe, le be le kgathale.


Mahosana a rometse bahlanka ho ya kga metsi, ba fihla didibeng, ba fumana di se na metsi; ba kgutla dinkgo tsa bona di le feela, ba hlabilwe ke dihlong, ba tsielehile, matsoho ba a beile hodima dihlooho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos