Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 19:12 - BIBELE

12 Jwale banna bao ba re ho Lota: “Na o na le ba bang moo: bakgwenyana, bara, baradi, kapa mang le mang wa heno ya motseng oo? Ba ntshe sebakeng sena,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba banna bao ba re ho Lota: Ke bafe bao o sa nang le bona mona? Bakgwenyana, kapa bara, kapa baradi, leha e le mang le mang eo o nang le yena motseng, o ba ntshe motseng;

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:12
13 Referencias Cruzadas  

Yaba ba foufatsa banna ba neng ba le monyako wa ntlo, ba banyenyane le ba baholo, hoo ba bileng ba kgathala ke ho nna ba phopholetsa hore na lemati le hokae.


hobane re lekgatheng la ho se timetsa! Sello se qosang motse ona se seholo kapele ho Morena, mme Morena o re rometse ho tla o timetsa!”


Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.


Ha ba se ba ba ntsheditse kantle, ba re ho bona: “Balehang le ipholose! Le se ke la hetla, kapa la ema kae kapa kae hara phula. Le balehele thabeng, ho seng jwalo le tla timela!”


Potlaka, o balehele ho wona, hobane nke ke ka etsa letho, ho fihlela o fihla moo.” Ke ka baka lena motse oo o ileng wa bitswa Soware.


Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka.


Ke tla se nea pelo e leng nngwe le sepheo se le seng, hore se tle se ntshabe kamehla yohle, mme sona, mmoho le ditloholo tsa sona, se fumane tse molemo.


“Lona tjhaba sa ka, tswang motseng oo, motho ka mong a ke a ipholose, a balehe kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.


Moshe a bua ho setjhaba, a re: “Ke a le rapela, tlohang ditenteng tsa banna bana ba kgopo, le se ke la ama letho leo e leng la bona, esere la timetswa ke sebe sa bona.”


Empa o ile a pholosa Lota, monna ya lokileng, ya neng a tennwe ke boitshwaro bo manyala ba batho bao ba kgopo.


Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo,


Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: “Tswang Babilona, lona setjhaba sa ka, esere la ba le kabelo dibeng tsa yona, kapa la fumana karolo ya dikotlo tsa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos