Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 19:13 - BIBELE

13 hobane re lekgatheng la ho se timetsa! Sello se qosang motse ona se seholo kapele ho Morena, mme Morena o re rometse ho tla o timetsa!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 hobane rona re ya senya motse ona, hobane mohoo o ba qosang ho Jehova o hlile o moholo, mme Jehova o re romile ho o timeletsa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:13
21 Referencias Cruzadas  

Batho ba Sodoma e ne e le baetsadibe ba kgopo haholo, ba sitelwa Morena.


Yaba Morena o re: “Sello se qosang Sodoma le Gomora se seholo, mme le sona sebe sa metse eo se seholo haholo!


Jwale banna bao ba re ho Lota: “Na o na le ba bang moo: bakgwenyana, bara, baradi, kapa mang le mang wa heno ya motseng oo? Ba ntshe sebakeng sena,


Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.


Na ke futuhetse naha ee, ho tla e timetsa, e se ka taelo ya Morena? Morena o ile a re ho nna: “Futuhela naha ena o e timetse!” ’ ”


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


“Ikarohanyeng le setjhaba sena le tswe hara sona, ke tle ke se timetse ka ho panya ha ntshi.”


Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa.


“Dithohako tsena tsohle di tla ba hodima hao, di o salame, di o tshware, ho fihlela o timela, hobane o tla be o sa ka wa mamela lentswe la Morena Modimo wa hao; o sa ka wa boloka melao ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona.


lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang.


Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.


Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos