Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 17:7 - BIBELE

7 Ke tla tiisa selekane sa ka le wena, le ditloholo tsa hao, ka ho hlahlamana ha meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng; ke be Modimo wa hao le wa ditloholo tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:7
40 Referencias Cruzadas  

Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


E, ho tla bolotswa ngwana ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ya hao. Selekane sa ka se tla ba nameng ya hao, e be selekane sa mehla yohle.


Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.


Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”


A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.


Empa wena ke tla etsa selekane le wena. O tla kena ka arekeng, wena le bara ba hao, le mosadi wa hao, le dingwetsi tsa hao.


Mookodi o tla ba marung, mme ha ke o tadima, ke tla hopola selekane se sa feleng, se pakeng tsa Modimo le dibopuwa tsohle tse phelang, tse teng lefatsheng.”


Setjhaba sa Iseraele o se entse setjhaba sa hao sa kamehla yohle, mme wena Morena, o Modimo wa sona.


lona bana ba Iseraele, mohlanka wa hae, lona bana ba Jakobo, mokgethwa wa hae.


Ke yena Morena Modimo wa rona, ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.


Ho se be le modimo osele haeno, o se kgumamele modimo wa baditjhaba.


Modimo a boela a re ho Moshe: “O tla bolella bana ba Iseraele tjena: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona.’ Lena ke lona lebitso la ka la mehla yohle; ke tla tsejwa ka lona ke meloko yohle.


A ba a re: “Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo!” Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tshaba ho tadima Modimo.


Hape ke ile ka etsa selekane sa ka le bona, e leng sa ho ba nea naha ya Kanana; naha ya bojaki ba bona, eo ba neng ba jakile ho yona.


Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta.


“Nna Morena, ke rata toka, bolotsana le bokgopo ke di hloile; ke tla tshepahala, ke ba nee moputso wa bona, ke etse selekane sa kamehla yohle le bona.


“Ka nako eo ke tla ba Modimo, Modimo wa merabe yohle, merabe ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka,” ho rialo Morena.


Ba tla phela teng ka kgotso, ba hahe matlo, ba leme masimo a morara. E, ba tla phela teng ka kgotso ha ke se ke ahlotse bohle ba ahelaneng le bona, ba neng ba ba nyedisa. Kahoo ditjhaba tseo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa tsona.’ ”


Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.


Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona.’ ”


Ke tla phela kahara lona, ke be Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka.


Empa leha ho le jwalo, ha ba le naheng ya dira tsa bona ha ke na ho ba lahla; ha ke na ho ba hloya hoo nka ba timetsang ho hang, ka ba ka senya selekane sa ka le bona, hobane ke nna Morena Modimo wa bona.


Empa ka baka la bona, ke tla hopola selekane sa baholoholo ba bona, bao ke ileng ka ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba di ntseng di bona, hore ke tle ke be Modimo wa bona. Ke nna Morena.’ ”


“ ‘Ke tla le hlompha, ke le atise, ke le ngatafatse, ke be ke tiise selekane sa ka le lona.


O tla bontsha Jakobo, o mmontshe botshepehi ba hao, Aborahama le yena o mo hauhele, jwalokaha o ila wa hlapanya, wa hlapanyetsa bo-ntata rona mehleng ya kgalekgale.


‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’ Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”


Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


Tshepiso ena e etseditswe lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, ho ya kamoo Morena Modimo wa rona a ka ba bitsang kateng.”


Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso.


tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng.


hore a tle a le etse setjhaba sa hae, yena e be Modimo wa lona jwalokaha a ile a bua ho wena, le kamoo a ileng a hlapanyetsa bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo.


Empa jwale ba labalabela e nngwe, e lehodimong, e fetang eo ka molemo. Ka baka leo, Modimo ha a dihlong ho bitswa Modimo wa bona, hobane o ba lokiseditse motse.


Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Jwale lengeloi la Morena la fihla Bokime, le etswa Gilegale. La fihla ho Baiseraele, la re: “Ke le nyolotse Egepeta, ke le tlisitse naheng ena eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata lona, ka re: ‘Nke ke ka roba selekane sa ka le lona le ka mohla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos