Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ke tla tiisa selekane sa ka le wena, le ditloholo tsa hao, ka ho hlahlamana ha meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng; ke be Modimo wa hao le wa ditloholo tsa hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:7
40 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


Ho bolotswe ya tswallwang tlung ya hao, le ya rekwang ka tjhelete ya hao, selekane sa ka se be nameng ya lona, e be selekane se sa feleng.


Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.


Yaba Jehova o iponahatsa ho yena ka bona bosiu boo, a re: Ke nna Modimo wa Abrahama, ntatao; se tshabe, hobane ke na le wena; ke tla o hlohonolofatsa, ke atise ditloholo tsa hao ka baka la Abrahama, mohlanka wa ka.


A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.


Empa ke tla hlaba selekane sa ka le wena, mme o tla kena arekeng, wena, le bara ba hao, le mosadi wa hao, le basadi ba bara ba hao hammoho le wena.


Mookodi o tla bonahala marung, mme ke tla o tadima, ke elellwe selekane sa ka mehla se emeng mahareng a Modimo le dintho tsohle tse utlwang tsa nama yohle tse lefatsheng.


O itiiseditse setjhaba sa hao sa Iseraele, hore e nne e be setjhaba sa hao le ka ho sa feleng, mme wena Jehova, o nnile wa ba Modimo wa sona.


lona, moloko wa Iseraele, mohlanka wa hae; lona, bana ba Jakobo, bakgethwa ba hae!


Jehova ke yena Modimo wa rona; dikahlolo tsa hae di aparela lefatshe lohle.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta. Ahlamisa molomo wa hao, mme ke tla o tlatsa!


Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.


Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.


Hape, ka na ka tiisa selekane sa ka le bona ho ba nea lefatshe la Kanana, lefatshe la ho jaka ha bona, leo ba bileng ba ahella ho lona.


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Hobane nna, Jehova, ke rata ho lokileng, mme ke hloile boshodu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ya bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Ba tla aha teng ka boiketlo, ba hahe matlo, ba hlome merara, mme ba tla aha ka boiketlo, mohla ke hlahisang dikahlolo hodima ba neng ba ba nyedisa, ba ba teetse hare ka nqa tsohle; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ho le fa naha ya Kanana, ke tle ke be Modimo wa lona.


Ke tla itsamaela hara lona, ke be Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka.


Leha ho le jwalo, ha ba sa ntse ba le naheng ya bao e leng dira ho bona, nke ke ka ba lahla, mme nke ke ka ba kgesa hore ke ba fedise, mme ke robe selekane sa ka le bona; hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Ke tla hopola ka baka la bona selekane sa ka le bontata bona moholo, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta mahlong a ditjhaba, ke tle ke be Modimo wa bona. Ke nna Jehova.


Ke tla nne ke le tadime, ke le atise, ke le ngatafatse, mme ke tla tiisa selekane sa ka le lona.


O tla nea Jakobo nnete, o nee Abrahama mohau oo o o baletseng bontata rona ka kano, esale mehleng ya tshimoholo.


Nna, ke Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo; Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.


Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


Hobane pallo eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitswa ke Morena, Modimo wa rona.


e leng Baiseraele, bao ho bewa bana e leng ha bona, le kganya, le dilekane, le peo ya molao, le tshebeletso ya Modimo, le dipallo,


tseo kgale le neng le itsamaela ho tsona ka mokgwa wa lefatshe lena, ha le ne le sa buswa ke morena ya busang matla a sebaka, e leng moya o sebetsang jwale baneng ba ho se dumele.


hore a o bee setjhaba sa hae kajeno, mme yena e be Modimo wa hao, jwalokaha a o boleletse, le jwalokaha a anetse bontatao, Abrahama, Isaaka, le Jakobo.


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


Haele selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ke sona sena, ho bolela Morena: Ke tla kenya melao ya ka kelellong tsa bona, ke e ngole dipelong tsa bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, le bona e tla ba setjhaba sa ka.


Yaba lengeloi la Jehova le tloha Gilgale, la nyolohela Bokime, la re: Ke ne ke itse, ke tla le nyolla Egepeta, ke tle ke le tlise lefatsheng leo ke anneng hore ke tla le nea bontata lona; mme ke ne ke itse: Ha nka ke ka roba selekane sa ka seo ke se entseng le lona le ka mohla o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos