Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 16:7 - BIBELE

7 Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Lengeloi la Jehova la le fumana pela sediba sa metsi feelleng, sedibeng se tseleng ya Shure.

Ver Capítulo Copiar




Genese 16:7
13 Referencias Cruzadas  

Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare.


Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng.


Phahama, o emise moshanyana, o mo tshware ka letsoho, hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.”


Jwale Modimo a tutubolla mahlo a Hagare, yaba o bona sediba; a ya ho sona, a tlatsa lekuka ka metsi, a le nea moshanyana, a nwa.


Empa lengeloi la Morena la howeletsa le le lehodimong, la re: “Aborahama! Aborahama!” Yaba o re: “Ke nna enwa.”


Lengeloi la Morena la howeletsa Aborahama kgetlo la bobedi, le ntse le le lehodimong,


Morena, Modimo wa lehodimo, ya ileng a ntlosa tlung ya ntate le naheng eo ke ileng ka tswallwa ho yona, o ne a bue le nna, mme a ntlhapanyetsa, a re: ‘Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena.’ Ke yena ya tla romela lengeloi la hae ho o etella pele, mme o tla nkela mora wa ka mosadi hona teng.


Ditloholo tsa hae tsa aha ho tloha Hafila ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta, tseleng e yang Asiria. A aha ka botjhabela ho bana babo.


“Lengeloi la Morena la re ho nna torong: ‘Jakobo!’ “Ka re: ‘Ke nna enwa!’


Jwale Moshe a tlosa Baiseraele Lewatleng la Lehlaka, ba ya lehwatateng la Shure. Ba tsamaya lehwatateng ka matsatsi a mararo, empa ba se ke ba fumana metsi.


Lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le le kahara lelakabe la mollo le tswang sehlahleng sa monokotshwai. Moshe a tadima, mme a bona sehlahla sa monokotshwai se laima malakabe, empa se sa tjhe.


Mahlo a Modimo a bona kahohle, a disa ba kgopo le ba lokileng.


Saule a hlola Baamaleke ho tloha Hafila, ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos