Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 15:4 - BIBELE

4 Yaba Morena o bua ho yena, o re: “Tjhe, eo e ke ke ya eba mojalefa wa hao; mojalefa wa hao e tla ba mora ya tswang lethekeng la hao.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba ke moo lentswe la Jehova le fihlang ho yena, la re: Enwa a ke ke a ja lefa la hao, empa ya tlang ho tswa lethekeng la hao, ke yena ya tlang ho ja lefa la hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:4
8 Referencias Cruzadas  

Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”


Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”


Empa Modimo a re ho Aborahama: “O se ke wa utlwa bohloko ka baka la moshanyana, le ka baka la mosadi wa hao wa lekgoba. Mamela tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, hobane ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.


Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.


Ha o se o shwele, mme o se o ithobaletse ho bo-ntatao, ke tla o hlahisetsa mora ya tla tswa lethekeng la hao, mme ke tiise mmuso wa hae.


Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.


Jwale, bana beso, lona le bana ba tshepiso jwaloka Isaka.


Ke mo kgutlisetsa ho wena, yena eo e leng pelo ya ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos