Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 15:3 - BIBELE

3 Aborame a boela a re: “Bona, ha o a mpha ngwana, mme mohlanka ya tswaletsweng lapeng la ka e tla ba mojalefa wa ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Abrame a ba a re: Bona, ha o a nnea lesika, mme jwale ya tswaletsweng tlung ya ka e tla ba mojalefa wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:3
10 Referencias Cruzadas  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme haeba ho na le motho ya ka balang lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a ka di bala.


Ha Aborame a utlwa hore mora wa moena hae o hapilwe, a phalla le banna ba hae ba hlometseng ba makgolo a mararo le leshome le metso e robedi, ba tswaletsweng tlung ya hae, mme ba ba lelekisa ho ya fihla Dane.


Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”


Tshepo e sa phethahaleng e nyahamisa pelo, takatso tse phethahatswang di ka fate sa bophelo.


Ya bokotsang kgoba la hae ha a le hodisa, le tla qetella le mo hlokela teboho.


le moshejwahang ha a nyalwa, le lekgabunyane le jang lefa la monga lona.


Ka ithekela makgoba le makgabunyane, mme makgoba a mang a tswallwa lapeng ha ka. Ka rua haholo, ka ba le mehlape ya dikgomo le ya dikgutshwane ho feta bohle ba ileng ba eba teng Jerusalema pele ho nna.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos