Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 11:9 - BIBELE

9 Ke ka baka leo lebitso la wona ho ileng ha thwe ke Babele, hobane ke moo Morena a ileng a ferekanyetsa puo ya lefatshe lohle teng, mme ho tloha moo Morena a ba qhalanyetsa lefatsheng lohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka baka leo, motse oo wa rewa Babele, kahobane ke moo Jehova a ferekantseng teng puo ya lefatshe lohle, le moo Jehova a ba qhalanyeditseng teng lefatsheng lohle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 11:9
10 Referencias Cruzadas  

Puso ya hae e qalehile Babele, le Ereke, le Akade, le Kalene, naheng ya Shinare.


Bana ke bara ba Kama, ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka dinaha tsa bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.


Ebere a tswala bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane baahi ba lefatshe ba ne ba arohane mehleng ya hae; moena hae e ne e le Jokotane.


Ke bona ba ileng ba abelwa dinaha tsa dihlekehleke, ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.


Ke ne ke tla potlakela ho ya fumana tshireletso meyeng ya ditsokotsane le ya difefo.


O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,


Ka baka leo, ha kereke yohle e phuthehetse sebakeng se le seng, mme bohle ba bua ka maleme asele, jwale ho kena bao e esong ho be Bakreste kapa ba sa dumeleng, na ha ba tlo re le a hlanya?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos