Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 11:8 - BIBELE

8 Jwale Morena a ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, ho tloha moo ba neng ba le teng, mme ba tlohela ho haha motse oo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba Jehova o ba qhalanya teng jwalo, ba ya le lefatshe lohle, ba lesa ho haha motse.

Ver Capítulo Copiar




Genese 11:8
10 Referencias Cruzadas  

Ebere a tswala bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane baahi ba lefatshe ba ne ba arohane mehleng ya hae; moena hae e ne e le Jokotane.


Ana ke wona malapa a bara ba Nowe, ho ya ka meloko ya bona, le ka merabe ya bona. Ditjhaba tse tswang ho bona di ile tsa arohana lefatsheng kamora morallo wa metsi.


Ke bona ba ileng ba abelwa dinaha tsa dihlekehleke, ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.


Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.”


Ke ka baka leo lebitso la wona ho ileng ha thwe ke Babele, hobane ke moo Morena a ileng a ferekanyetsa puo ya lefatshe lohle teng, mme ho tloha moo Morena a ba qhalanyetsa lefatsheng lohle.


Ho rohakwe bohale ba bona, hobane bo ne bo tshabeha; le kgalefo ya bona, hobane e ne e se na mohau! Ke tla ba qhalakanya hara bana ba Jakobo, ke ba hasanye hara fatshe la Iseraele.


Morena o nyopisa merero ya ditjhaba, o folodisa mehopolo ya merabe.


Empa wena Morena, o ya phahameng kamehla yohle.


O entse tse matla ka tsoho la hae, a qhalanya baikgohomosi le mehopolo ya bona;


Ha Radiphahama a aba, a abela matjhaba dinaha, a arola bana ka merabe ya bona, a na a sehela ditjhaba meedi, ho ya ka palo ya bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos