Esthere 9:5 - BIBELE5 Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka sabole, ba di rinya, ba di timetsa, mme ba iketsetsa borata ka ba neng ba hloile Bajuda. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka lerumo, ya eba polao le timetso e kgolo, mme ba etsa ba ba hloileng ka thato ya bona. Ver Capítulo |
Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona.