Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 9:4 - BIBELE

4 Moredekai o ne a le moholo lapeng la kgosi, mme botumo ba hae ba phatlalla le dinaha tsohle, hobane Moredekai enwa o ne a ntse a matlafala le ho feta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane Mordekai o ne a le moholo tlung ya morena, mme botumo ba hae bo ne bo se bo ile dinaheng tsohle; hobane efela monna eo, Mordekai, o ne a eya a ntse a hola.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 9:4
14 Referencias Cruzadas  

Ntwa ya eba telele pakeng tsa ntlo ya Davida le ntlo ya Saule. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, empa ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola hoyahoile.


Davida a nna a tswela pele ho matlafala, hobane Morena wa mabotho o ne a ena le yena.


Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.


Diketso tsohle tse bontshang matla a hae, le bonatla ba hae, le ditlhaloso tsa boholo boo kgosi e ileng ya phahamisetsa Moredekai ho bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Media le tsa Peresiya.


Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.


Ke ba thumisa jwaloka lerole, lerole le fefolwang ke moya, ke ba hatakela jwaloka seretse se tseleng.


Ya lokileng o a atleha, o atleha jwaloka sefate sa palema, o hola jwaloka sefate, fate sa kedare ya Lebanone.


Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe Baiseraele. Le yena Moshe ya eba motho e moholo naheng ya Egepeta, le mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.


Tsela ya ba lokileng e ka mafube a meso, kganya ya yona e eketseha, ho fihlela hara mpa motsheare.


O tla hodisa mmuso wa hae, o be le kgotso e sa feleng; o tla busa a le teroneng ya Davida, a okamele mmuso wa hae, a o tsitsise, a o tshehetse ka toka le ka ho loka kamehla le mehla. Tjheseho ya Morena mabotho e tla phethahatsa hona.


Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle bohle ba o hateletseng; ke tla pholosa ba holofetseng, ke phuthe ba neng ba qhalakane. Hohle moo ba neng ba tlontlolotswe teng, thabo le tlotla di tla ba aparela.


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Morena a ba le Joshua, mme botumo ba hae ba aparela naha yohle.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos