Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 2:9 - BIBELE

9 Hegai a kgahlwa ke Esetere, mme a mo rata. Hegai a potlaka, a mo nea ditlolo tseo a itlotsang ka tsona, le dijo tse mo tshwanelang. A mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya bokgosi, hore ba mo sebeletse. Hegai a isa Esetere le makgabunyane a hae sebakeng se setle tlung ya kgosi, moo ho neng ho dula basadi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Morwetsana a mo kgahla, mme a fumana mohau ho yena; a phakisa a mo nea ditlolo tsa hae le dijo tsa hae, a mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya morena, mme a mo isa, yena le barwetsana ba hae, kamoreng e ntle ho fetisa ya ntlo ya basadi.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 2:9
12 Referencias Cruzadas  

Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate.


Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona.


Tshwarela setjhaba sa hao se o sitetsweng, o se tshwarele ditshito tsa sona, tseo se o sitetsweng ka tsona. Etsa hore bao ba se thopileng ba be le mohau, ba se hauhele.


Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.


Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.” Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse.


Barwetsana ba ne ba beetswe nako ya selemo hore ba itlhwekise. Ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba itlotsa ka ole ya mmira, mme ka kgwedi tse ding tse tsheletseng ba inyanyatsa ka sente, ba itlotsa ka ditlolo, ho ya ka mokgwa wa basadi; ebe jwale ba thobiswa ka bomong ho iswa ho kgosi.


Kgosi e kgethe bahlankana dinaheng tsohle tseo e di busang, hore ba kgobokanye barwetsana bohle ba batle, ba ba tlise Shushane, tlung eo basadi ba dulang ho yona, e bodiseng ba Hegai, e leng lehaole la kgosi le lebelang basadi. Barwetsana bana ba fuwe ditlolo tseo ba itlotsang ka tsona.


Ha kgosi e bona Esetere a eme ka seotlwaneng, ya mo hauhela, yaba e mo supa ka lere la yona la kgauta, leo e neng e le tshwere. Esetere a atamela, a ama ntlha ya lere la kgosi.


A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko.


Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae.


Jwale Modimo a etsa hore mookamedi wa bahlanka ba kgosi a hauhele Daniele, a mo utlwele bohloko.


a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos