Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 2:10 - BIBELE

10 Esetere o ne a sa ka a bolela hore na ke wa setjhaba sefe, le hore na o tswalwa kae, hobane Moredekai o ne a mo laile hore a se ke a bolela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa Esthere o ne a sa ka a tsebisa Hegai mofuta wa habo, leha e le ho tswalwa ha hae, kahobane Mordekai o ne a mo laetse hore a se ke a itsebisa.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 2:10
9 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi le leng le le leng Moredekai o ne a ye a tsamaye kapele ho ntlo eo basadi ba dulang ho yona, hore a tsebe hore na Esetere o ntse a phela jwang, le hore na ba tla mo etsa jwang.


Esetere o ne a eso ka a bolela hore o tswalwa kae, le hore na ke wa setjhaba sefe, ho ya kamoo Moredekai a ileng a mo laya kateng. Esetere a phetha taelo ya Moredekai, jwalokaha a ile a etsa ha a ne a mo hodisa.


Moredekai o ne a ile a hodisa Hadasa, e leng Esetere, moradi wa malomae. Esetere e ne e le kgutsana, mme e le morwetsana e motle, ya seemo se bohehang. Hoba a shwellwe ke ntatae le mmae, Moredekai a mo hodisa jwalokaha eka ke moradi wa hae.


Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.


Rona le setjhaba sa heso, re se re rekisitswe hore re timetswe, re bolawe, re ripitlwe. Haeba re ne re rekisitswe hore re be makgoba le makgabunyane, nka be ke kgutsitse, hobane leha re ne re ka hlokofatswa ho ne ho ke ke ha tshwana leha kgosi e ne e lahlehelwa ke rona.”


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Lona bana, mamelang batswadi ba lona ka baka la Morena, hobane hona ke tshwanelo ya lona.


Yaba Ruthe o theohela seotlong, mme a etsa tsohle tseo matsalae a mo laetseng tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos