Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 2:7 - BIBELE

7 Moredekai o ne a ile a hodisa Hadasa, e leng Esetere, moradi wa malomae. Esetere e ne e le kgutsana, mme e le morwetsana e motle, ya seemo se bohehang. Hoba a shwellwe ke ntatae le mmae, Moredekai a mo hodisa jwalokaha eka ke moradi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O ne a ntse a hodisa Hadassa, kapa Esthere, moradi wa malomae, etswe a ne a se na ntatae le mmae; morwetsana eo o ne a le motle, a boheha; mohla ho shwang ntatae le mmae, Mordekai o ne a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 2:7
12 Referencias Cruzadas  

“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.


Ya a laela hore a tlise mofumahadi Fashiti kapele ho kgosi, a rwetse mofapahlooho wa bofumahadi, hore setjhaba le mahosana a tlo boha botle ba hae, hobane mofumahadi o ne a le motle haholo.


Ha nako ya Esetere ya hore a kene ka ho kgosi e fihla, a se ke a batla letho ha e se feela seo Hegai, lehaole la kgosi, molebedi wa basadi, a ileng a mo nea sona. Moredekai o ne a nkile Esetere jwalokaha eka ke moradi wa hae athe e ne e le moradi wa Abihaele, maloma Moredekai. Esetere a ratwa ke bohle ba neng ba mo tadimile.


Esetere o ne a eso ka a bolela hore o tswalwa kae, le hore na ke wa setjhaba sefe, ho ya kamoo Moredekai a ileng a mo laya kateng. Esetere a phetha taelo ya Moredekai, jwalokaha a ile a etsa ha a ne a mo hodisa.


Ka lona letsatsi leo, kgosi Ahashuerushe a nea mofumahadi Esetere dintho tsohle tsa Hamane, sera sa Bajuda. Moredekai a fihla a ema kapele ho kgosi, hobane Esetere o ne a ile a e bolella hore na o amana jwang le yena.


eba ke itjeletse thathana ke le inotshi, kgutsana ka e jela tjelamahlong,


ho tloha botjheng ba ka ke e hodisitse ke le ntata, ka baballa mohlolohadi ho tloha mohla ke tswalwang,


Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle.


Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.


Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos