Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 2:6 - BIBELE

6 Monna eo o ne a ile a thopuwa Jerusalema le bathopuwa ba neng ba thopilwe mmoho le Jekoneya, kgosi ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a ileng a ba thopa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O ne a nkilwe Jerusalema, a isitswe kgolehong hammoho le Jekonia, morena wa Juda, ya neng a isitswe kgolehong ke Nebukadnesare, morena wa Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 2:6
8 Referencias Cruzadas  

Jehoyakine, kgosi ya Juda, a tswa motseng, a ya ineela ho kgosi ya Babilona, a ena le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le bahlanka ba hae ba mahaole. Kgosi ya Babilona ya mo thopa ka selemo sa borobedi sa puso ya yona.


Yaba Jehoyakime o a shwa, mme Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ba ileng ba phonyoha saboleng a ba thopa, a ba isa Babilona, moo e ileng ya eba bahlanka ba hae, le ba bara ba hae, ho fihlela puso e nkwa ke Peresiya.


“Ke a le hlapanyetsa,” ho rialo Morena, “Leha eba wena Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, o ne o ka ba lesale le monwaneng wa letsoho la ka le letona, ke ne ke tla o rola.


Na Koniya hase nkgwana e nyatsehang, e matlere? Na hase sejana seo ho seng ya se thabelang? Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba lelekilwe, ba leleketswe naheng eo ba sa e tsebeng?


Ha Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a se a thopile Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, le mahosana a Juda, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala, a ba tlositse Jerusalema, a ba isa Babilona, Morena a mpontsha diroto tse pedi tsa feiye, tse beilweng kapele ho Tempele ya Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos