Esthere 2:12 - BIBELE12 Barwetsana ba ne ba beetswe nako ya selemo hore ba itlhwekise. Ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba itlotsa ka ole ya mmira, mme ka kgwedi tse ding tse tsheletseng ba inyanyatsa ka sente, ba itlotsa ka ditlolo, ho ya ka mokgwa wa basadi; ebe jwale ba thobiswa ka bomong ho iswa ho kgosi. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)12 Enere ha ho fihla nako ya morwetsana e mong le e mong ya ho kena ho morena Assueruse, ha ba se ba itokisitse ka taelo e laelang tsa basadi ka kgwedi tse leshome le metso e mmedi, — hobane ditshiu tsa ho itokisa ha bona di fela di ne di dutse jwalo: ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba tlola ole ya mirra, ka kgwedi tse ding tse tsheletseng, ba tlole ditlolo tse nkgang hamonate le tse ding, — Ver Capítulo |
Hegai a kgahlwa ke Esetere, mme a mo rata. Hegai a potlaka, a mo nea ditlolo tseo a itlotsang ka tsona, le dijo tse mo tshwanelang. A mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya bokgosi, hore ba mo sebeletse. Hegai a isa Esetere le makgabunyane a hae sebakeng se setle tlung ya kgosi, moo ho neng ho dula basadi.