Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Enere ha ho fihla nako ya morwetsana e mong le e mong ya ho kena ho morena Assueruse, ha ba se ba itokisitse ka taelo e laelang tsa basadi ka kgwedi tse leshome le metso e mmedi, — hobane ditshiu tsa ho itokisa ha bona di fela di ne di dutse jwalo: ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba tlola ole ya mirra, ka kgwedi tse ding tse tsheletseng, ba tlole ditlolo tse nkgang hamonate le tse ding, —

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Barwetsana ba ne ba beetswe nako ya selemo hore ba itlhwekise. Ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba itlotsa ka ole ya mmira, mme ka kgwedi tse ding tse tsheletseng ba inyanyatsa ka sente, ba itlotsa ka ditlolo, ho ya ka mokgwa wa basadi; ebe jwale ba thobiswa ka bomong ho iswa ho kgosi.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 2:12
10 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi le leng le le leng, Mordekai o ne a itsamaela pela lebala la ntlo ya basadi, a tle a tsebe kamoo Esthere a dutseng kateng, le se tla mo hlahela.


morwetsana o ne a kena ho morena; tsohle tseo a neng a di kopa, o ne a di fuwa, hore a ye le tsona, ha a tloha tlung ya basadi ho ya tlung ya morena.


mme dinaheng tsohle tsa mmuso wa hae morena a ke a laele manqosa hore a bokelle barwetsana bohle ba batle ba dikgarebe, ba tliswe Susane, motse wa moreneng, tlung ya basadi, kalosong ya Hegai, tona ya morena le modisa wa basadi;


Morwetsana a mo kgahla, mme a fumana mohau ho yena; a phakisa a mo nea ditlolo tsa hae le dijo tsa hae, a mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya morena, mme a mo isa, yena le barwetsana ba hae, kamoreng e ntle ho fetisa ya ntlo ya basadi.


Ke noneditse diphate tsa ka ka mirra, le lekgala, le sinnamone.


Ke mang elwa ya nyolohang feelleng jwaloka ditopallo tsa mosi, ya arubeditsweng ka mirra le dibano le mearubetso yohle ya bahwebi?


Bakeng sa monko o monate e tla ba sebodu, bakeng sa senyepa e be lerapo; bakeng sa mangetse a forilweng e tla ba mafatla, bakeng sa masatshana a basadi e be lesela le mahwashe, bakeng sa botle e be sefahleho se tjhesitsweng ka letshwao.


Wa ya itlhahisa ho morena wa teng ka ole, o nkile tse nkgang hamonate; o romile manqosa a hao holehole, wa itebisa ho ya fihla nqalong ya bafu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos