Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:13 - BIBELE

13 Kaha e ne e le tlwaelo ya kgosi ho rerisana le bohle ba neng ba tseba molao le dikahlolo, yaba e bua le banna ba bohlale, ba neng ba tseba mehla eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba morena o bua le babohlale ba tsebang dinako, — hobane taba efe le efe ya morena e ne e buwa jwalo pela bohle ba tsebang ditaelo le ditokelo;

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:13
11 Referencias Cruzadas  

Ba morabe wa Isakare, ba neng ba tseba ditaba tsa mehla eo, ba tseba le seo Iseraele e lokelang ho se etsa, e ne e le baetapele ba makgolo a mabedi, e le bona ba laolang bang ka bona bohle.


Ba morabe wa Sebulone, ba neng ba futuha, ba kwetliseditswe ho lwana ka mefuta yohle ya dihlomo, ba theile theko ya ntwa, ba ne ba le dikete tse mashome a mahlano, mme ba tshepahala.


Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, wena Kgosi ya ditjhaba? E hlile ho tshajwa, wena ho a o lokela. Hara banna bohle ba bahlalefi ditjhabeng, banna ba bahlalefi ba mebusong ya bona, ha ho le ya mong ya tshwanang le wena.


Ka baka leo, kgalefo ya kgosi ya tlokoma, mme kgosi ya laela hore bahlalefi bohle ba Babilona ba bolawe.


Yaba kgosi e laela hore e bitsetswe dinohe, le balepi ba dinaledi, le baloi, le Bakalatiya, hore ba tlo e hlalosetsa toro eo e e lorileng. Ba fela ba tla, ba fihla ba ema kapele ho kgosi.


Daniele a araba kgosi e ntse e utlwa, a re: “Sephiri seo kgosi e ratang ho se tseba se ke ke sa hlaloswa ke bahlalefi, balepi ba dinaledi, baloi kapa dinohe.


Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”


Hoseng le re: ‘Kajeno ho tla ba le sefefo, hobane lehodimo le bofubedu bo lefifi.’ Le tseba ho hlalosa sebopeho sa lehodimo; athe le sitwa ho hlalosa ditshupo tsa dinako tsee!


Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos