Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esthere 1:14 - BIBELE

14 Bao e neng e le diphatho tsa kgosi ke bana: Kareshena, le Shetare, le Ademata, le Tarashishe, le Merese, le Maresena, le Memukane, e leng mahosana a supileng, a tswang Peresiya le Media, wona matona a neng a ema kapele ho kgosi, mme e le wona a ka sehloohong mmusong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 mme ba neng ba le haufi le yena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarsise, Merese, Marsena le Memukane, e leng mahosana a supileng a Persia le Media, a neng a bona sefahleho sa morena, hape e le a dutseng ditulong tse phahameng mmusong. A re ho bona:

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:14
6 Referencias Cruzadas  

Hona motseng moo a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba bahlano, ba bao e neng e le baeletsi ba kgosi, bao a fumaneng ba ntse ba le moo motseng. A thopa le mongodi e moholo wa molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, ba neng ba le teng moo motseng.


O rometswe ke kgosi le baeletsi ba yona ba supileng, ho ya fuputsa ditaba tsa Juda le tsa Jerusalema, mabapa le Molao wa Modimo wa hao, o letsohong la hao.


Yaba kgosi e re ho bona: “Kaha mofumahadi Fashiti a sa phetha taelo ya kgosi Ahashuerushe, eo a mo rometseng yona ka mahaole a hae, ho ya ka molao eka kgona mofumahadi a etswe jwang?”


Hona motseng moo, a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba supileng, bao e neng e le baeletsi ba kgosi, a thopa le mongodi e moholo eo e neng e le molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, bao a ba fumaneng ba ntse ba le moo motseng.


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


Ba tla bona sefahleho sa hae, mme lebitso la hae le tla be le le diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos