Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 5:3 - BIBELE

3 Ka yona nako eo, bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba fihla ho bo-Serubabele, ba re ho bona: “Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela lerako lee?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Motsotsong oo, ha tla ho bona Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ba re ho bona: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo?

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 5:3
12 Referencias Cruzadas  

E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema.


Kgosi a e ke e tsebe hore Bajuda ba tswang moo ho wena, ba tlileng mona ho rona, ba fihlile Jerusalema. Ba ntse ba tsosa motse ona wa mahlabaphiyo, o kgopo. Ba hahile motheo, mme ba se ba qetela ho haha marako.


bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, le baahlodi, le maqosa, le baemedi ba dinaha, le bahlanka ba mmuso, le Baereke, le baahi ba Babilona, le baahi ba Susa, e leng Baelame,


Lengolo leo bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, e leng bahlanka ba mmuso ba neng ba le ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ba ileng ba le ngola, ke lena:


“Re ile ra botsa baholo bao, ra re ho bona: ‘Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela marako aa?’


Yaba bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba phetha ka ho tlala tsohle tseo kgosi Dariuse a ba laetseng tsona.


Yaba Dariuse o ba araba ka lengolo, o re: “Jwale wena Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le wena Shetare-Bosenai, le metswalle ya lona, e leng bahlanka ba mmuso, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le emelle thoko.


“Nna, kgosi Aretaseresese, ke etsa taelo ho baboloki bohle ba matlotlo, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, hore tsohle tseo moprista Esera, setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo, a tla di kopa ho bona, ba mo nee tsona ntle ho tikatiko.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?”


Yare hoba ba emise baapostola kapele ho lekgotla, ba ba botsa, ba re: “Hoo le ho entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos